Refiloe Molefe, ea lilemo li 61, o tsamaea polasing ea hae ka matjato a batho ba halofo ea lilemo tsa hae. O sebetsa ka mokhoa o khutsitseng, o tloha ho kotula litapole ho ea ho ho nosetsa k'habeche, joale ho ea ho lema lipeo, ho lateloa ke mosebetsi o boima oa ho kotula lihoete tse ncha.
“Ke ile ka qala polasi hobane ke ne ke bona ho hlokahala hore motseng oa heso ho be le motse oo ho seng motho ea robalang a sa ja,” ho bolela Molefe. E lutse holim'a hektare ea mobu tikolohong ea Johannesburg e kahare ho toropo ea Bertrams, serapa sa meroho sa manyolo se fana ka lijo tse theko e tlaase, tse phetseng hantle le tse matlafatsang ho baahi ba haufi.
Botala bo tlokomang ba polasi bo lutse bo fapane haholo le meaho e lerootho e e pota-potileng. Ke sebaka sa metsi ka har'a moru o ommeng oa konkreite. “Batho ba tsoa libakeng tsa mahaeng ho tla Joburg. Re tloha masimong a rona a bulehileng mme re tla mona mme re qala ho lapa. Kahoo, ke utloa ho le monate ho ba le mapolasi ka har'a CBD. E le hore re tle re leme, hobane ha ho na mobu o mongata oo re ka lemang mona… Re hloka ho lema hobane leha re se na mesebetsi e meng re ntse re ka fepa bana ba rona.”
Bala sengoloa se felletseng ho www.newframe.com.